Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 21:45 - Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Ha ho a ka ha hlokeha taba leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova a neng a di boleletse ntlo ya Iseraele; tsohle tsa etsahala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

45 Ha se ke ha haella letho la tse molemo, tseo Morena a neng a buile ka tsona ho ba ntlo ya Iseraele. Tsohle tsa phethahala.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 21:45
13 Referencias Cruzadas  

a re: Ho bokwe Jehova Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae le ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse:


Jehova o hlahisitse seo molomo wa hae o se boletseng, hobane ke eme tulong tsa ntate Davida, ke bile ke dutse teroneng ya Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse, ke bile ke hahetse lebitso la Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo.


O tiiseditse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o neng o mmaletse sona; o ne o buile le ka molomo wa hao, mme o phethile tsohle ka letsoho la hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Ho bokwe Jehova ya phomoditseng setjhaba sa hae sa Iseraele ka tsohle tseo a di boletseng; ha ho a senyeha lentswe leha le le leng la dipallo tsohle tse molemo tseo a di boletseng ka Moshe, mohlanka wa hae.


Wa mo fumana a ena le pelo e tshephehang pela hao, mme wa etsa selekane le yena sa ho mo nea lefatshe la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Bajebuse, le la Bagirgashe, hore o tle o le nee ditloholo tsa hae; o fela o phethile lentswe la hao, etswe o le ya lokileng.


Ditaba tsa pele ke kgale ke di boletse, di tswile molomong wa ka, mme ke di boletse; ka etsa hang, mme tsa etsahala.


Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?


Modimo, o le bileditseng kopanong le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona, o hlile o a tshepeha.


Ya le bitsang o a tshepeha, ke yena ya tla etsa le hona.


ba tle ba be le tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatshe ha le ne le eso ho be teng,


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Haele Samuele, o ne a ntse a hola, mme Jehova a ba le yena, a se ke a lahlela fatshe letho la taba tsohle tseo a di boletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos