Etlare hobane Jehova, Modimo wa hao, a fedise ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lefatshe la tsona, mme o se o ruile lefatshe la bona, mme o ahile metseng ya bona le matlung a bona,
Ke ao mafa ao moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune, le dihlooho tsa bontata meloko ya bana ba Iseraele ba a abileng ka lotho, Silo, pela Jehova, monyako wa tente ya pokano. Ba phetha jwalo ho aba naha.
Eo a re: Tjhe, empa ke tlile jwale, ke le molaodi wa makgotla a Jehova. Yaba Joshua o wela fatshe ka sefahleho, a inama, a re ho yena: Morena ka o reng ho mohlanka wa hae?