Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ha sebelwa morena wa Jeriko, ha thwe: Bona, ho tlile kwano, bosiung bona, banna ba bana ba Iseraele, ho hlwela lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ha tsebiswa kgosi ya Jeriko, ha thwe: “Hela, bosiung bona bona ho fihlile banna ba Baiseraele mona, ba tlilo hlahloba naha.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 2:2
7 Referencias Cruzadas  

Ekare haese Jehova ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare haese Jehova ya bolokang motse, molebedi o fadimehela lefeela.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Le ho tloha tsatsing lena, e sa ntsane e le nna, ha ho motho ya ka ntshang ho hong letsohong la ka; seo ke se etsang, se ka thibelwa ke mang?


Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?


Jwale, Joshua, mora Nune, ha a le Shittime, a roma banna ba babedi sephiring, ho ya bohlwela, a re: Eyang le lekole lefatshe le Jeriko. Yaba ba ya, mme ba kena tlung ya mosadi oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, ba robala teng.


Ebile morena wa Jeriko o romela ho Rahaba, a re: Ntsha banna ba tlileng ha hao, ba keneng tlung ya hao; hobane ba tlile ho qamakisisa lefatshe lohle.


Bana ba Dane ba kgetha, hara bona bohle, banna ba bahlano ba bohale, ba bana ba Tsorea le Eshthaole, mme ba ba romela ho ya hlwela naha le ho e lekola. Ba re ho bona: Eyang, le lekole naha. Ba ya, ba ba ba fihla ha Mika, thabeng ya Efraime, mme ba robala teng bosiu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos