Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Banna bao ba re ho yena: Ho phela ha rona, ho ke ho neelwe lefu bakeng sa lona! Ha le sa hlahise taba ena ya rona, etlare ha Jehova a se a re neile lefatshe, ruri re tla o etsa ka botle le ka nnete.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 2:14
18 Referencias Cruzadas  

Mme jwale, ha ekaba le fela le rata ho etsetsa mong a ka ka lerato le ka botshepehi, mpolelleng; kapa ho seng jwalo, le teng le mpolelle, ke tle ke tsebe ho leba ho le letona, kapa ho le letshehadi.


Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta,


Yaba Davida o romela manqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, kahobane le etseditse Saule, morena wa lona, molemo, le bile le mo epetse.


Jehova a le etse jwalo ka mohau le ka nnete; le nna ke tla le etsetsa molemo, kahobane le entse hoo.


Jwale Davida a re: Na ha ho sa le le a mong ya siilweng wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau ka baka la Jonathane na?


Ha morena a feta, a hoeletsa ho morena, a re: ke le mohlanka wa hao, ke be ke ile ntweng, mme ka bona motho a kgeloha, a tlisa motho ho nna, a re: Boloka motho enwa; ha a ka thoba, ho phela ha hao ho tla ema bakeng sa ho phela ha hae, kapa o lefe ka talenta ya silefera.


Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle.


Motho ya nang le metswalle e mengata ho yena ke tshenyehelo, empa mohlomong motswalle e mong o a kgomarele motho ho fetisa ngwanabo motho.


Ho lehlohonolo ba mohau; hobane ba tla hauhelwa.


Yaba molaodi wa sekete o kgutlisa mohlankana eo, a mo laela, a re: O se ke wa ba wa bolella motho hoba o ntsebisitse taba tseo.


ya hore le tla pholosa ntate, le mme, le banabeso, le dikgaitsedi, le tsohle tsa bona, le namolele ho phela ha rona lefung.


Ebile o ba theosetsa ka fensetere, ka mohala, hobane ntlo ya hae e be e le hodima lerako la motse; o ne a ahile hodima lerako.


Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.


Joshua a bolella banna ba babedi ba neng ba ile ho hlwela lefatshe, a re: Kenang tlung ya mosadi eo wa sehlola, le ntshe teng mosadi eo, le tsohle tsa hae, jwalokaha le mo anetse.


Joshua a pholosa Rahaba wa sehlola, le ntlo ya ntatae, le tsohle tseo e neng e le tsa hae; mme a tla, a aha Iseraeleng ho fihlela kajeno, kahobane o ne a pate manqosa a romilweng ke Joshua ho hlwela Jeriko.


O etsetse mohlanka wa hao molemo oo, etswe o entse selekane le mohlanka wa hao pela Jehova. Leha ho le jwalo, ha sebe se le teng ho nna, o mpolaye e le wena; hobane ke ha o ka nkisetsang ho ntatao?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos