Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 13:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Naha ya bona e ne e le Jaesere, le metse yohle ya Gileade, le sekoto sa naha ya bana ba Ammone, ho isa Aroere, o maloka le Rabba;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Moedi wa bona e ne e le Jasere le metse yohle ya Gileade, le karolo e nngwe ya naha ya bana ba Amone, ho ya fihla Arowere, kapele ho Raba;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 13:25
21 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Davida a roma Joabe le bahlanka ba hae le Baiseraele bohle, ba ya, ba senya lefatshe la bana ba Ammone, ba ntoo ya thibella Rabba. Haele Davida, a sala Jerusalema.


Haele Joabe, a nna a lwantsha Rabba, motse wa bana ba Ammone; a ba a kena motse wa moreneng.


Ba ya, ba tshela Jordane, ba emisa Aroere, ho le letona ho motse o hara kgohlo ya Gade, nqa Jaesere.


Ho Bahebrone — Bahebrone bao ho ileng ha batlwa masika a bona ka ho ya ka bontata bona, selemong sa mashome a mane sa puso ya Davida, ha ba ha fumanwa hara bona banna ba matla, ba bahale, motseng wa Jasere wa Gileade, —


le Heshbone le mathoko a teng, le Jaesere le mathoko a teng.


Hobane masimo a Heshbone a ponne, merara ya Sibma eo makala a yona a neng a taha marena a lefatshe, a namile ho isa Jaesere le ho fihlela nahathothe, mme mahlomela a yona a fihlile le mose wa lewatle.


Metse ya Aroere e ya tlohelwa, e fetohe metebo moo mehlape e bothang teng, ho se motho ya e tshosang.


Ke o llela ho fetisa Jaesere, wena tshimo ya morara wa Sibma, wena eo makala a merara ya hao a neng a tshela mawatle ho ya fihla lewatleng la Jaesere. Mosenyi o wela ditholwaneng tsa hao le kotulong ya hao ya merara.


O etse tsela e nngwe ya lerumo ho ya Rabba wa bana ba Ammone, e nngwe ho ya Jerusalema, motse o matla wa Juda.


ke tla hotetsa mollo kahara lerako la Rabba, o tle tjhese matlo a teng a borena hara mokgosi, tshiung ya ntwa, hara ditsokotsane, tsatsing la sefefo.


Jwale Moshe a romela ho ya hlwela Jaesere, mme ba kena metse ya teng, ba lelekisa Baamore ba neng ba ahile ho yona.


le Athrothe-Shofane, le Jaesere, le Jogbeha, le Bethe-Nimra, le Bethe-Harane,


mme o tla atamela pela bana ba Ammone. O se ke wa ba qala, mme o se ke wa ba lwantsha; hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bana ba Ammone; hobane ke e neile bana ba Lota hore e be lefa la bona.


[Hobane Oge, morena wa Bashane, o ne a setse a nnotshi wa mofuta wa Barefaime. Ha ke re, malao a hae, e leng malao a tshepe a ntse a le Rabba, motseng wa bana ba Ammone? Bolelele ba wona ke ditswe tse robileng mono o le mong, mme bophara ba wona ke ditswe tse nne, ha ho lekanngwe ka setswe sa motho.]


le Gileade, le naha ya Bageshure, le ya Bamaakathe, le thaba yohle ya Hermone, le Bashane kaofela, ho isa Salka;


Moshe o ne a neile leloko la Gade lefa, e leng bana ba Gade, ka matlo a bona.


le ho tloha Heshbone ho isa Ramathe-Mitspa le Bethonime; le ho tloha Mahanaime, ho isa moeding wa Debire.


le Heshbone le meraka ya wona, le Jaesere le meraka ya wona: hammoho ke metse e mene.


Gileade yena a itulela hae mose wane ho Jordane! Dane a nna a dulelang dikepeng? Asere a itulela lebopong la lewatle, a dula a iketlile dikoung tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos