Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 13:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Haele leloko la Balevi ha a ka a le nea lefa; mahlabelo a beelwang Jehova, Modimo wa Iseraele, ke wona e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ke Balevi feela bao a sa kang a ba abela lefa. Dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena Modimo wa Iseraele, ke lona lefa la bona, jwalokaha Morena a ne a ba tshepise.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 13:14
12 Referencias Cruzadas  

Ba tla ba le lefa; lefa la bona ke nna; le se ke la ba nea leruo la naha Iseraeleng; leruo la bona ke nna.


Nyehelo, sehlabelo sa sebe, le sehlabelo sa molato, ba tla di ja, mme ntho tsohle tse entsweng anathema Iseraeleng e tla ba tsa bona.


Ke ka baka leo Levi a se nang karolo, leha e le lefa, le banababo; Jehova ke yena e leng lefa la hae, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a mmoleletse.]


Le tla thaba pela Jehova, Modimo wa lona, lona le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona ba batona, le ba batshehadi, le Molevi ya menyakong ya lona; hobane yena ha a na kabelo le lefa jwaloka lona.


Iponele, o se ke wa lebala Molevi ka matsatsi wohle a ho phela ha hao lefatsheng la hao.


Leha ho le jwalo, bana ba Iseraele ha ba ka ba leleka Bageshure, leha e le Bamaakathe; Bageshure le Bamaakathe ba ahile Iseraeleng ho fihlela kajeno.


Moshe o ne a se a abetse leloko la bana ba Rubene lefa, ka matlo a bona.


Empa Moshe ha a ka a nea leloko la Balevi lefa; Jehova, Modimo wa Iseraele, ke yena e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.


Haele Balevi, ha ba na kabelo le lona, etswe boprista ba Jehova e le lefa la bona; Bagade le Barubene le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse ba se ba nkile mafa a bona mose wane wa Jordane nqa botjhabela, e leng ao Moshe, mohlanka wa Jehova, a ba neileng wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos