Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 11:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Joshua a etsa ka bona kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; a poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, a tjhesa makoloi a bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Joshua a ba etsa jwalokaha Morena a ile a mo laela. A kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona a di tjhesa ka mollo.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 11:9
6 Referencias Cruzadas  

Moya wa ka o se ke wa kena lekunutung la bona, bohlophehi ba ka bo se ke ba ikopanya le morero wa bona; hobane bohaleng ba bona ba na ba bolaya batho, mme kgalefong ya bona ba na ba kgaola mesifa ya dipoho.


Teng, Davida a hapa sekete se nang le makgolo a supileng a bapalami, le kete tse mashome a mabedi tsa ba maoto. Davida a seha mesifa ya maoto a dipere tsohle tsa makoloi, a ipolokela tsa lekgolo la makoloi feela.


Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!


Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla tjhesa makoloi a hao, ke a fetole mosi, mme ditawana tsa hao di tla jewa ke lerumo. Ke tla tlosa kgapo ya hao lefatsheng, mme lentswe la manqosa a hao ha le sa tla utlwahala.


Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ha ho le jwalo, ke tla ba neela matsohong a Baiseraele, ba se ba bolailwe; o tla poma mesifa ya maoto a dipere tsa bona, o tjhese makoloi a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos