Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 10:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Jehova a o neela matsohong a Baiseraele, le yena morena wa teng; a bolaya bohle ba teng ka bohale ba lerumo, a se ke a siya motho le a mong teng, a mpa a etsa ho morena wa teng jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Le wona motse ona Morena a neelana ka wona matsohong a bana ba Iseraele. A neelana le ka kgosi ya wona. Joshua a bolaya kgosi eo, le batho bohle ba phelang motseng oo, ka sabole, mme a se ke a siya le ya mong. Kgosi ya teng a e etsa jwalokaha a ile a etsa kgosi ya Jeriko.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 10:30
12 Referencias Cruzadas  

Jehu a bolaya le bohle ba setseng Jisreele ba ntlo ya Akabe, le baholo ba ha hae bohle, le metswalle ya hae, le matona a hae, a se ke a mo tlohella le a mong ya salang.


ha le sa kgutle naha e eso ho bewe tlasa Jehova, teng le tla hloka molato pela Jehova le pela Iseraele, mme naha ena e tla ba leruo la lona pela Jehova.


Jehova, Modimo wa rona, a re neela yena, mme ra mo hlola, yena le bana ba hae, le setjhaba sa hae kaofela.


ha Jehova, Modimo wa hao, a se a di neetse matsohong a hao, mme o di qhadile, o ke o di neele anathema; o se ke wa etsa selekane le tsona, mme o se ke wa di qenehela.


Tsatsing leo, Joshua a kena Makkeda, mme a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, a timetsa le morena wa teng le batho bohle ba teng; ha a ka a siya motho le a mong teng; a etsa ho morena wa Makkeda jwalokaha a ne a entse ho morena wa Jeriko.


Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba nang le yena ba feta Makkeda, ba ya Libna, mme ba lwantsha Libna.


Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba feta Libna, ba ya Lakishe, ba emisa pela teng, mme ba o lwantsha.


Joshua a kena le metse yohle ya marena ao, a bolaya marena wohle a teng, a a timetsa ka bohale ba lerumo, a a fedisa, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Jehova, a ne a laetse.


e mong ke morena wa Libna; e mong, ke morena wa Adullame;


Baiseraele, eitse hobane ba qete ho bolaya ba ahileng Ai, naheng le lefeelleng, moo ba ba phalletseng teng, bohle ha ba dihilwe ka bohale ba lerumo, ba se ba timetse, Baiseraele bohle ba kgutlela Ai, ba bolaya le ba teng ka bohale ba lerumo.


A fanyeha morena wa Ai sefateng se seng, ya ba ya eba mantsiboya; letsatsi ha le dikela, Joshua a laela hore ba fanyolle setopo sa hae sefateng, mme sa lahlelwa pela kgoro ya motse; hodima sona ba qhobela qubuhadi ya majwe; e sa le teng le kajeno.


Empa ba ahileng Gibeone, ha ba utlwa kamoo Joshua a entseng ka Jeriko le Ai kateng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos