Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 10:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ebile Joshua o a ba hlaba, a ba bolaya, a ba fanyeha difateng tse hlano; ba sala ba fanyehilwe difateng, ya ba ya eba mantsiboya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Kamora tsena Joshua a otla dikgosi tseo, a di bolaya, a di leketlisa difateng tse hlano. Ditopo tsa tsona tsa leketla difateng moo ho fihlela mantsiboya.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 10:26
14 Referencias Cruzadas  

a re ke re fuwe banna ba supileng bao e leng bara ba hae, re ba fanyehe pela Jehova, Gibea wa Saule motlotsuwa wa Jehova. Morena a re: Ke le file bona.


a ba neela matsohong a ba Gibeone, mme ba ba fanyeha thabeng pela Jehova. Bao ba supileng ba eshwa jwalo hammoho, ba bolawa nakong ya ho kotula, matsatsing a pele ha batho ba qala ho hela harese.


Taba eo ya batlisiswa, mme ya fumanwa hobane e jwalo. Ba fanyehwa ba babedi sefateng; mme taba tseo tsa ngolwa bukeng ya ditaba tsa mmuso, pontsheng ya morena.


le kgalemelo merabeng, ho tlama marena a tsona ka mahlaahlela,


Ba howa, empa monamoledi a ba siyo; ba howeletsa ho Jehova, mme ha a ka a araba.


Jehova a re ho Moshe: Bokella marena wohle a setjhaba, o a fanyehe pela Jehova, pontsheng ya letsatsi, bohale ba Jehova bo tuketseng Iseraele bo tle bo fele.


Setjhaba kaofela sa araba, sa re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.


Bajuda ba rapela Pilato hore ba thakgisitsweng ba rojwe meomo, mme ba tloswe, hore ditopo di se ke tsa sala difapanong ka Sabatha, hobane ho ne ho hlekelwa yona, mme tsatsi leo la Sabatha e ne e le le leholo.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


A fanyeha morena wa Ai sefateng se seng, ya ba ya eba mantsiboya; letsatsi ha le dikela, Joshua a laela hore ba fanyolle setopo sa hae sefateng, mme sa lahlelwa pela kgoro ya motse; hodima sona ba qhobela qubuhadi ya majwe; e sa le teng le kajeno.


Jwale, Seba le Tsalmunna ba re ho yena: Ema wena, o re bolaye, hobane motho kamoo a leng kateng, matla a hae le wona a jwalo. Yaba Gideone o ema, a bolaya Seba le Tsalmunna, a nka le maphaketsana a rwesitsweng melaleng ya dikamele tsa bona.


Samuele a mpa a re: Jwalokaha lerumo la hao le hlokisitse basadi bana, le mmao o tla hlokiswa bana hara basadi. Samuele a ba a pomahanya Agage, pela Jehova, Gilgale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos