Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?
Le ke le tshabe Jehova ho qala jwale, le etse ka kelello, hobane Jehova, Modimo wa rona, ha a na bokgopo, ha a ye ka tshobotsi ya batho, mme ha a amohele dimpho.
Ke hona moo le reng: Tsela ya Morena ha e a loka hantle. Mamelang jwale, lona ba ntlo ya Iseraele! Na ke tsela ya ka e sa lokang hantle na? Na hase tsela tsa lona tse sa lokang na?
Ke ka baka leo Jehova a fadimehetseng tsietsi eo, mme a e tlisitse hodima rona, hobane Jehova, Modimo wa rona, o lokile diketsong tsohle tseo a di etsang, empa ha re a ka ra utlwa lentswe la hae.
Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,
Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!