8 leihlo la ya mponang ha le sa tla mpona; mahlo a hao a tla mpatla, mme ke tla be ke le siyo!
8 Ya mponang jwale, ha a sa tla boela a mpona, etlare ha o mpatla ke be ke le siyo!
Jwale, ha a shwele, ke sa itimelang dijo? Kapa le re, nka mo tsosa na? Ke nna ke tla ya ho yena, yena ha a sa tla boela ho nna.
Ho ya kang ha o tshwasitse maoto a ka ka difate, leha e le ho hlwela dika tsa ka kaofela le ho dikadiketsa bohato ba maoto a ka;
Empa motho ha a eshwa, o fedile matla; ere ha ya shwang a neela moya, eba o kae na?
Ke yena eo o mo tjamelang; ke nna eo o mo isang tsekong le wena!
O tla feta jwaloka toro, mme a ke ke a hlola a fumanwa; a timele jwaloka pono ya bosiu.
Le mahlo a kileng a mmona, ha a sa tla hlola a mmona; ditulo tsa hae ha di sa tla boela di mmone.
o ithoballa a ruile, mme o timela a se a se na letho; o a phaphama, eba tsohle di ile;
Hobane jwale, nka be ke rapaletse ke ikgutseditse, nka be ke robetse, mme ka phomola le nna,
Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.
empa ha se ka ntshwa bodulong ba sona, bo tla se latola, bo re: Ha ke a ka ka o bona le ka mohla o le mong!
ha moya o feta hodima yona, e se e le siyo, esita le tulo tsa yona ha di sa e tseba.
o fetile; jo! o se a le siyo; ka mmatla, a se ke a fumanwa.
Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.)