Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 7:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”

Ver Capítulo Copiar




Jobo 7:21
29 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo loma, mme Davida a re ho Jehova: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Oho Jehova, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao jwale; efela ke entse ka bothoto bo boholo.


Ha ke entse sebe, o ntse o ntadima hampe, o hana ho ntshwarela molato wa ka.


Elellwa hle hobane o mpopile jwaloka letsopa; mme o re, ke kgutlele leroleng?


O kae ya ratang ho tsekisana le nna? Ha ho se jwalo nka kgutsa, ka shwa.


Empa motho ha a eshwa, o fedile matla; ere ha ya shwang a neela moya, eba o kae na?


Ke re ho lebitla: O ntate! le ho diboko: Le mme le ngwaneso!


O tla feta jwaloka toro, mme a ke ke a hlola a fumanwa; a timele jwaloka pono ya bosiu.


o ithoballa a ruile, mme o timela a se a se na letho; o a phaphama, eba tsohle di ile;


Hobane jwale, nka be ke rapaletse ke ikgutseditse, nka be ke robetse, mme ka phomola le nna,


Ke hlwekile, ha ho sebe ho nna; ha ke na molato, ha ho bokgopo ho nna;


leihlo la ya mponang ha le sa tla mpona; mahlo a hao a tla mpatla, mme ke tla be ke le siyo!


Yaba Bildade wa Shua o bua, a re:


eba ke tshoswa ke mahloko a ka kaofela, ke ntse ke tseba hoba o ke ke wa mpea ya se nang molato.


Motho, ditshiu tsa hae di jwaloka jwang; o kgaba jwaloka palesa ya naha;


o fetile; jo! o se a le siyo; ka mmatla, a se ke a fumanwa.


lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.


Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.


Oho Jehova, o se ke wa halefa ka ho fetisisa, o se ke wa boloka kgopolo ya makgopo a rona ka ho sa feleng! Oho bona, o tadime hle; kaofela re setjhaba sa hao.


Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatshe ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele dihlong le sekgobo se sa feleng.


Inkeleng dipolelo, le kgutlele ho Jehova, le re ho yena: Tlosa dibe tsohle, o amohele ho hotle, re o lebohe ka mahlabelo a maleme a rona.


Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o a tshepeha, o lokile, hore o re tshwarele dibe, mme o re hlatswe bokgopo bohle.


Mme le a tseba hobane yena o hlahile hore a tle a tlose dibe tsa rona; mme ha ho sebe ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos