O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;
Jwale, tloha, o ise setjhaba moo ke o boleletseng: Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; mme tsatsing leo ke otlang ka lona, ke tla ba otlela tshito ya bona.
Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela; ke diriti, ba ke ke ba boela ba utlwa; hobane o ba otlile, o ba fedisitse, o timeditse le ho hopolwa hohle ha bona.
Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba sweufale, ba lekwe; ba babe ba ya nne ba etse hampe, mme ha ho moetsadibe ya tlang ho utlwisisa, empa ba hlalefileng ba tla utlwisisa.
Jehova o lokile kahare ho wona; ha a etse bokgopo, ka hosasa ho hong le ho hong o ntshetsa kahlolo ya hae leseding, ha a lese ho etsa jwalo; empa molotsana ha a tsebe dihlong.
Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.
hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;