Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 6:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Metsu ya Ya matla wohle e ntlhabile, mme pelo ya ka e noswa mahloko a yona; matsoso a Modimo a hlopholohile ho ntwantsha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Metsu ya Ya Matla wohle e ntlhabile, mahloko a yona a tjhatjhametsa le moya wa ka, matshabeho a Modimo a nteetse theko!

Ver Capítulo Copiar




Jobo 6:4
30 Referencias Cruzadas  

Ke haholwa ke kgalefo ya wona; o ikentse sera ho nna, o phuranya meno ho nna; eo e leng sera ho nna o ntlhaba ka mahlo a bohale.


Makgotla a wona a futuhetse nna, a iphunyeditse tsela ho tla ntshwara, a hlomile a teetse tente ya ka hare.


O antse mahloko a marabe, mme leleme la qowane le tla mmolaya.


Ho bone yena ka mahlo a hae ho wa ha hae, a noswe kgalefo ya Ya matla wohle;


Matshabeho kaofela a mphihletse; a tlosa bokgabane ba ka jwaloka sefefo, mme lehlohonolo la ka le fetile jwaloka leru.


Hobane teng, ditefetso tsa Modimo di ne di tla ntshosa, ke ne ke tla sitwa ho ema pela bophahamo ba wona.


ke etswa motho ya leshano, ha ke emela toka ya ka; ke hlabilwe ka motsu o bolayang, ke se na molato.


Ha ekaba ke entse sebe, ke o entse eng, Molemohi wa batho? O mpeile keng seo o betsang metsu ya hao ho sona, ke be ke fetohe phahlo feela?


wona o ntubang ka sefefo, o atisang maqeba a ka feelafeela!


Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.


A betsa metsu ya hae, a ba qhalanya ka yona, a tsekemisa mahadima a sa balweng, mme a ba qhemetsa.


o tla ba balehisa ka ho lebisa seqha sa hao difahlehong tsa bona.


Hobane metsu ya hao e kene ho nna, letsoho la hao le hlile le nkimetse.


Kgalefo ya hao ha e a ka ya siya letho le phelang nameng ya ka, sebe sa ka se tlositse pholoho yohle masapong a ka.


Metsu ya hao e ntjhotjho; ditjhaba di tla wela pela maoto a hao; o tla hlaba pelo tsa bao e leng dira ho morena.


o mo phosetsa metsu e bolayang, metsu e tukang.


Pelo e itsebela ho baba ha yona; le teng, ho thaba ha yona ho ke ke ha kopanelwa ke motho e mong.


Pelo e jarisa motho ho baba ha hae; empa pelo e robehileng e ka tsoswa ke mang?


Etlare ha e fihla, e tla ya le lona, hobane e tla fihla ka meso yohle, nyene le bosiu; thuto e jwalo e ya nne e le tshose.


O futse ka seqha sa hae jwaloka sera, a ema a otlolotse letsoho le letona jwaloka mohlabani, a bolaya tsohle tse lakatsehang ha di bonwa; tenteng ya moradi wa Sione, o tsholotse kgalefo ya hae jwaloka mollo.


Ruri, a ema pela ka, a mphetolela letsoho la hae tsatsi lohle.


Ka hora ya boroba mono o le mong, Jesu a howa ka lentswe le leholo, a re: Eloi, Eloi, lamma sabakthani? Ha ho fetolwa, ke ho re: Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng na?


Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.


Ke tla tahisa metsu ya ka madi, mme lerumo la ka le tla ja nama, e leng madi a ba bolawang, le a ba hapilweng, le a dihlooho tsa marena a dira.


Yena a re ho bona: Se mpitseng Naomi (ya kgahlisang); le mpe le mpitse Mara (ho baba), etswe Ya matla wohle a nkentse ka mokgwa o babang haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos