Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 5:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 O tla tsheha tshenyo le tlala, ha o ka ke wa tshaba dibatana tsa naha;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 o tla tsheha timelo le sekoboto, batana tsa fatshe lena o ke ke be wa di tshaba.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 5:22
8 Referencias Cruzadas  

Ke ena taba eo Jehova a e boletseng bakeng sa hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokoletsa hlooho.


O sa tla tlatsa molomo wa hao ka ditsheho, le melomo ya hao ka thabo.


O tla hata tau le qowane, o hatakele tawana le noha.


leha e lefu le kgukgunang lefifing, leha e le tshenyo e bolayang motshehare o moholo.


Teng ha ho tau, ha ho sebata se tlang ho bea leoto teng, leha e le ho fumanwa teng, empa ba lopolotsweng ba tla tsamaya teng.


Phiri e tla fula hammoho le konyana, tau e tla fula jwang jwaloka kgomo, lerole e be dijo tsa noha; di ke ke tsa kgathatsa, leha e le ho senya thabeng ya ka yohle e halalelang: ho bolela Jehova.


Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso, ke etse hore dibatana di hlokahale lefatsheng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.


Mme ka tsatsi leo, ke tla ba etsetsa selekane le diphoofolo tsa naha, le dinonyana tsa lehodimo, le tse hahabang lefatsheng; ke tla roba seqha le lerumo, ke be ke falatse ntwa lefatsheng, mme ke tla ba ahisa ka kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos