Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 5:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O tla o lokolla ditsietsing tse tsheletseng, mme ho tse supileng ha ho bobe bo ka o amang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 o tla o phemisa diwa di o hlwele hodimo, ka makgetlokgetlo bobe bo ke ke ba o ama.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 5:19
16 Referencias Cruzadas  

Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;


o boloka masapo a hae kaofela, ha ho le leng le robehang.


o nnile wa kallisa batho hodima dihlooho tsa rona, ra kena mollong le metsing; empa wa ba wa re nyolla teng ho re kgatholosa menonong.


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Hobane ya lokileng, leha a ka wa hasupa, o tla boela a tsohe; empa baetsadibe ha ba kgoptjwa, ba wela kotsing.


Ho na le ntho tse tsheletseng tse hloilweng ke Jehova; nka re, di supile tseo e leng manyala ho yena:


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Empa ke tla o namolela tsatsing leo, ho bolela Jehova, o ke se ke wa neelwa matsohong a batho bao o ba tshabang.


Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.


Ba araba, ba re ho morena: Ho jwalo, morena! A bua, a re: Bonang, ke bona batho ba bane ba tsamaya hara mollo ba lokolohile, ha ho bonahale tshenyeho ho bona, mme e mong wa bona o bonahala jwaloka hoja e le mora wa medimo.


Yaba Daniele, ka taelo ya morena, o a tliswa, a akgelwa lemeneng la ditau. Morena a bua, a re ho Daniele: Modimo wa hao, oo o o sebeletsang ka tiisetso, o ke o o namolele!


Letlapa la tliswa, ba kwahela molomo wa lemena ka lona, mme morena a le maneha, a le tiisa ka tiiso ya lesala la hae, le ka tiiso ya masale a mahosana a hae, hore ho se be letho le fetolwang bakeng sa Daniele.


Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.


Efela banabeso, ha re rate hoba le se ke la tseba hoba, haele mahlomola a re hlahetseng Asia, re kile ra hatellwa ka hosele ho fetisa matla a rona, ra ba ra fellwa le ke tshepo ya ho phela.


ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos