Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 5:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Bona, ho lehlohonolo motho eo Modimo o mo layang! Ha ho le jwalo, o se ke wa nyatsa kotlo ya Ya matla wohle;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 “Ho lehlohonolo eo Modimo a mo tshwayang phoso, kahoo se nyatse ha Ya Matla a o kgalema.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 5:17
14 Referencias Cruzadas  

Empa ha o ka hleka pelo ya hao hantle, mme wa otlollela matsoho a hao ho wona,


Na o nyedisa matshediso a Modimo, le puo tse bonolo tse buwang ho wena na?


Empa o lokolla ba hloriswang matswalong a bona, o ba eletsa ka mahlomola.


O tla o lokolla jwalo dinaleng tsa matshwenyeho, ho o bea sebakeng, moo o ke keng wa patiswa; dijo tse hlabosang di tla bewa tafoleng ya hao.


Empa ha o ka batla Modimo, wa ithapella mohau ho Ya matla wohle,


Jehova o ne a nkotle hathata; empa ha a ka a nneela lefu.


Jehova, ho lehlohonolo motho eo o mo layang, eo o mo rutang ka molao wa hao,


Ke hlile ka utlwa Efraime ha a ikwahlaya, a re: O kile wa nkgalemela, mme ka kgalemelwa jwaloka pholwana e esong ho thapiswe; nkgutlisetse ha ka, ke tle ke kgutlele teng, hobane o Jehova, Modimo wa ka.


Kgolwa pelong ya hao hobane Jehova, Modimo wa hao, o o laile jwaloka motho ha a laya mora wa hae.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.


Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos