Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 42:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse hobane Jehova a bue dipolelo tseo ho Jobo, Jehova a re ho Elifase wa Themane: Bohale ba ka bo tuketse wena le metswalle ya hao e mmedi, hobane ha le a ka la bolela tsa ka hantle, jwalokaha ho entse Jobo, mohlanka wa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yare hoba Morena a qete ho bua mantswe ana ho Jobo, a re ho Elefase ya tswang Temana: “Wena le metswalle ya hao e mmedi ke le halefetse haholo. Ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 42:7
13 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho Satane: Na ha o a ka wa lemoha Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho motho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.


Yaba Tsofare wa Naama o fetola, a re:


Metswalle ya Jobo e meraro ya utlwa kotsi yohle eo a wetsweng ke yona, e le Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama; ba tloha ha habo bona, mme ba kopanya dipuo ho tla hammoho ho utlwela Jobo bohloko le ho mo tshedisa.


esita le ya sa hlokeng molato o tla mo namolela ka baka la bosweu ba matsoho a hao!


Eitse ha Elihu a mpa a bona hoba ho se karabo melomong ya banna ba bararo bao, bohale ba hae ba tuka.


Yaba Elifase wa Themane o fetola, a re:


Yaba Jobo o arabela Jehova, a re:


Yaba Jobo o arabela Jehova, a re:


Ke fela ke inyatsa, mme ke iteta sefuba ke le leroleng le moloreng.


Yaba Bildade wa Shua o bua, a re:


Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos