Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 42:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke haele mang ya ka fifatsang merero ya hao ka dipolelo tse se nang kelello? Ke fela ke buile, ke se na kutlwisiso, ke boletse mehlolo e mphetang, eo ke sa e utlwisiseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 O ila botsa, wa re: ‘Ya sitisang merero ya ka a se na tsebo, ke mang?’ Ke kahoo ke reng: ‘Ke buile ka tseo ke sa di utlwisiseng, tse makatsang haholo hoo ke sa di tsebeng.’

Ver Capítulo Copiar




Jobo 42:3
9 Referencias Cruzadas  

Na o ka fihlela ditaba tse tebileng tsa Modimo na? Na o ka utlwisisa bophethehi ba Ya matla wohle na?


Bolelele ba bona bo fetisa lefatshe, bo pharaletse ho feta lewatle.


Bona, le wona mahlo a ka a bone taba tseo kaofela, tsebe tsa ka di di utlwile, mme di di etse hloko.


Ya fifatsang morero wa ka ka dipolelo tse se nang kelello ke mang?


e leng wona o etsang dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.


Jehova, pelo ya ka ha e na boikgohomoso, mahlo a ka ha a phahame, ha ke a ka ka tsamaya ho tse phahameng, tse mphetisang ka boholo.


Tsebo eo ke mohlolo ho nna; e phahamile haholo, ke sitwa ho e fihlela.


Jehova, Modimo wa ka, e kgolo hakakang palo ya mehlolo le ya merero eo o re etseditseng yona! Ha ho ya ka e lokodisang pela hao; leha ke rata ho e bolela le ho e bala, e be e fete palo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos