Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 42:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba banababo bohle, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle bao a neng a tsebana le bona pele, ba tla ho yena, ba ja le yena ka tlung ya hae, ba hlakola meokgo ya hae, ba mo tshedisa hodima bohloko bohle boo Jehova a neng a bo tlisitse hodima hae; e mong le e mong a mo nea sekoto sa silefera le lesale la kgauta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwale bana babo kaofela, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle ba neng ba tsebana le yena pele ho mona ba tla ho yena. Ba fihla ba eja dijo le yena, ba le ka tlung ya hae, ba mo tshedisa malebana le bobe bohle boo Morena a ileng a mo tlisetsa bona. Motho ka mong wa bona a mo nea tjhelete ya kesita, le reng ya kgauta.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 42:11
18 Referencias Cruzadas  

Yare hobane dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta la boima ba halofo ya shekele, le mefitshana e mmedi ya matsoho ya dishekele tse leshome tsa kgauta,


Yaba mohlanka o ntsha mekgabo ya silefera, le mekgabo ya kgaura, le meaparo, a e nea Rebeka; mme a nea kgaitsedie le mmae mesebetsi ya bohlokwa.


Bara ba hae kaofela, le baradi ba hae kaofela, ba tla ho mo tshedisa, empa a hana ho itshedisa, a re: Ke tla theohela nqalong ya bafu ho mora wa ka, ke ntse ke lla. Ntatae a mo llela jwalo.


nka be ke le matlafisa ka molomo wa ka, ka le tiisa ka ho bebenya ha melomo ya ka.


Metswalle ya Jobo e meraro ya utlwa kotsi yohle eo a wetsweng ke yona, e le Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama; ba tloha ha habo bona, mme ba kopanya dipuo ho tla hammoho ho utlwela Jobo bohloko le ho mo tshedisa.


lentswe la hao le emisitse ba kgothometsehang, mme o tiisitse mangole a tetemang.


Mofutsana o ilwa le ke wa habo; empa metswalle ya morui e mengata.


Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.


Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le ho Maria, ho ba tshedisa bakeng sa ho shwa ha kgaitsedi ya bona.


Thabang le ba thabileng, mme le lle le ba llang.


Mme setho se seng ha se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotliswa, ditho tsohle di thaba le sona.


A le ke le tiiseng ke hona matsoho a tepeletseng le mangwele a tetemang;


Hopolang ba ditlamong, ho be jwaloka hoja le tlamilwe le bona; hopolang ba etswang hampe, etswe le sa le mmeleng le lona.


Le masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba tlile le wona, ha ba etswa Egepeta, ba a pata Sikeme, karolong ya tshimo eo Jakobo a neng a e rekile ho bara ba Hamore, ntata Sikeme, ka ditjhelete tse lekgolo; ya eba lefa la bana ba Josefa.


Haele bara ba bang ba Beliale, ba re: Motho eo a ka re namolela jwang? Ba mo nyedisa ke hona, ba se ke ba mo isetsa dinyehelo; a mpa a se ke a re letho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos