Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 41:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke mang eo ke nang le molato wa hae, ke tle ke tshwanele ho mo lefela? Tsohle tse katlasa lehodimo kaofela ke tsa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ya ntsekisang molato ke ofe, ke tsebe ho mo lefela? Ditsohletsohle tlasa lehodimo ke tsa ka.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 41:11
18 Referencias Cruzadas  

Nqalo ya bafu e feela pela wona; ho wona bodiba ha bo na tshirelo.


hobane o bona ho isa pheletsong tsa lefatshe, o shadima tsohle tse tlasa lehodimo.


A Modimo o tla ya ka wena, ha o putsa motho na? O re, ha o kgolwe ke molao oo o yang ka wona! A e be wena, e seng nna, ya kgethang o mong molao; hlahisa seo o se tsebang!


Ha o lokile, o o thusitse kang? O ruile eng ka mosebetsi wa hao?


Nke ke ka kgutsa kamoo ditho tsa yona di bopehileng kateng, le matla a yona, le botle ba sebopeho sa yona.


O tshoha o suthisa dithaba, o di heletsa kgalefong ya wona.


Haele mahodimo, ke mahodimo a Jehova, mme lefatshe o le neile bana ba batho.


O mo rakile ka mahlohonolo a molemo, o mo rwesitse moqhaka wa kgauta e tshekehileng hloohong.


Lefatshe ke la Jehova le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona.


Hola ke a lapa, ke be nke ke ka o bolella; hobane lefatshe ke la ka, le tse ho lona kaofela.


Mme jwale ekare ha le ka fela la utlwa lentswe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba le letlotlo la ka la sebele hara ditjhaba tse ding kaofela, etswe lefatshe lohle e le la ka.


Kapa ke mang ya mo fileng pele, ho tle ho busetswe ho yena?


hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.


Empa etlere ha motho a le bolella, a re: Ntho eo e hlabetswe ditshwantsho, le se ke la e ja ka baka la ya le eleditseng, le ka baka la letswalo; hobane lefatshe ke la Morena, le ho tlala ha lona.


Bona, mahodimo le mahodimo a mahodimo ke a Jehova, Modimo wa hao, le lona lefatshe le dintho tsohle tse ho lona.


bonang, areka ya selekane sa Morena wa lefatshe lohle e ya tshela Jordane e le eteletse pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos