Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 4:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Bokgabane ba bona bo feta le bona; ba shwa, ba eso ho fihlele bohlale.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Dimapo tsa tente tsa bona di a motsulwa, ba be ba shwe ba hloka bohlale!’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jobo 4:21
15 Referencias Cruzadas  

Meaho ya molotsana e jwalo feela, ho jwalo le bodulo ba ya sa tsebeng Modimo.


Ba dilemo tse ngata hase bona ba leng bohlale, ba hodileng hase bona ba utlwisisang tse lokileng.


empa ha ba sa utlwe, ba tla hlajwa ke lerumo, ba timele ke ho hloka kutlwisiso.


Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, mme tente ya ba babe e tla lesa ho ba teng.


Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.)


Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)


Ba soteletswa jwaloka dinku nqalong ya bafu, moo lefu e tla ba modisa wa bona; ka hosasa, ba lokileng ba tla bewa marena a bona; bokgabane ba bona bo ya fela, nqalo ya bafu ke moo ba tla aha teng.


Motho, bokgabaneng ba hae, ya mpang a se na kutlwisiso, o tshwana le diphoofolo tse hlajwang.


O tla shwa ke ho se rutehe, a lahlehe ke bowatla bo boholo ba hae.


Ba o bonang ba nyarela ho wena, ba o tadimisisa haufi, ba re: Na ke eo monna ya neng a sisinya lefatshe, ya neng a thetheretsa mebuso ya lona,


Ha ho le jwalo, lesang ho tshepa motho, eo phefumoloho ya hae e leng masobeng a dinko tsa hae; na a ka thusang?


Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?


Hobane letsatsi le re le sa tjhaba le mofuthumela wa lona, le phakise le pontshe jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le yena o tla pona jwalo metsamaong ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos