Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 4:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 ho jwalo hakakang ho ba ahileng matlung a letsopa, ba hlahileng leroleng, ba ka rinngwang jwaloka ditshwele!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 a ka tshepa jwang ba meqhemeng ya makwete, ba bopilweng ka role la lefatshe, ba phetshelwang habonolo jwaloka tshwele?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 4:19
18 Referencias Cruzadas  

Abrahama a araba, a re: Bona hle, ke betile pelo ho buisana le Morena, leha ke le lerole le molora feela.


Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.


Elellwa hle hobane o mpopile jwaloka letsopa; mme o re, ke kgutlele leroleng?


Mantswe a eletsang a lona ke dithole feela. Qhobosheane tsa lona ke diqhobosheane tsa mobu.


athe ke pherehlana jwaloka ntho e jelweng ke diboko, jwaloka kobo e jewang ke tshwele?


O a mela, o kgaolwa jwaloka palesa, o feta jwaloka seriti, mme ha a hlole a eba teng.


Athe ba tlositswe ho eso ho be nako, boahello ba bona ba nkilwe ke morwallo;


ho ka ba jwang ka motho eo e leng kokwanyana feela, le ka ngwana wa motho eo e leng seboko!


Bona, ke ntse ke tshwana le wena pela Modimo; le nna ke bopilwe ka letsopa.


Phefumoloho ya bona ha e fela, ba kgutlela leroleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ya bona e fedile.


Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.)


lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.


Empa letlotlo leo, re na le lona dipitseng tsa letsopa, matla ao a tlodisang e be a Modimo, e seng a rona.


Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.


Hobane nama yohle e jwaloka jwang, mme kganya yohle ya motho e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo ye bo omelle, mme palesa ya jona e we;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos