Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 38:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke mang ya beileng tekanyo ya lona, ha o tseba, kapa ke mang ya le lekantseng ka thapo?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Kaha o tsebanyane: Tekanyetso tsa lona di rerilwe ke mang? Thapo e methang bonamo e harolotswe ke mang?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 38:5
13 Referencias Cruzadas  

Bolelele ba bona bo fetisa lefatshe, bo pharaletse ho feta lewatle.


Mohla o laelang boima ba moya, o lekanyang metsi ka tekanyo,


Ke mang ya beileng lefatshe taelong ya wona? Kapa ke mang ya beileng lefatshe kaofela paballong ya wona?


Tumo ya tsona e hasane lefatsheng lohle, dipolelo tsa tsona di ile pheletsong ya lefatshe. O hlometse letsatsi ntlo ya lona teng;


wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.


Mohla a lokisang mahodimo, ke ne ke le teng; mohla a dikadiketsang lewatle ka moedi;


le mohla a laelang lewatle hore metsi a lona a se ke a tlola lebopo; le mohla a lekanyang metheo ya lefatshe.


E tla ruwa ke moholodi le ke hlong; sephooko le lekgwaba di tla aha teng, mme e tla lekanngwa ka thapo ya tshenyo le ka thapo ya polao.


Ke mang ya lekantseng metsi ka seatleng sa hae? Ke mang ya lekantseng mahodimo ka boahlamo ba menwana ya hae? Ke mang ya bokeletseng lerole la lefatshe tekanyong? Ke mang ya lekantseng boima ba dithaba ka sekgoketsane, le dithabana ka sekala?


Ke yena ya nang le terone ya hae hodima phikoloho ya lefatshe, leo ba ahileng ho lona ba leng ho yena jwaloka ditsie; ke yena ya menollang mahodimo jwaloka lesela le lesesane la kase, mme o a phutholla jwaloka tente ya ho aha teng.


sa ho bolela ho sona Evangeli ho ditjhaba tse ka pele ho lona, re tle re se ke ra ithorisa ka sebaka se lekanyeditsweng ba bang, moo ba se lokiseditsweng.


O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos