Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 32:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Leha ho le jwalo, le se ke la re: Re bone bohlale ho yena, ke Modimo feela o ka mo hlolang, e seng motho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Hlokomelang, le se ke la re: ‘Rona bohlale re bo fumane; Modimo ke yena ya tla mo hlola, a ke ke a hlolwa ke motho.’

Ver Capítulo Copiar




Jobo 32:13
23 Referencias Cruzadas  

hore, leha e le tshwele, leha e le leqhwele la seeta, nke ke ka nka letho la hao, o tle o se ke wa re: Ke fumisitse Abrame.


Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.


Kannete, lona le banna! mme bohlale bo ya shwa le lona?


Nkgauheleng, nkgauheleng, lona metswalle ya ka, hobane letsoho la Modimo ke lona le nkotlileng.


le utlwisise hoba ke Modimo o mphallelang, o ntiketse sefing sa wona.


Jobo a re ho yena: O bua jwaloka lewatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Modimo, re se ke ra amohela tse mpe na? Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo wa hae.


teng, ho ke ho mele meutlwa bakeng sa koro, le lehola bakeng sa harese. Dipolelo tsa Jobo di fella moo.


Ka le mamela ka ho le ela hloko; empa bonang, ha ho e mong ho lona ya hlotseng Jobo, ya arabileng dipolelo tsa hae.


Ha a ka a lebisetsa dipolelo tsa hae ho nna; nke ke ka mo araba ka mantswe a kang a lona.


ba fediswa ke pudulo ya Modimo, ba timetswa ke phefumoloho ya kgalefo ya wona.


Metsu ya Ya matla wohle e ntlhabile, mme pelo ya ka e noswa mahloko a yona; matsoso a Modimo a hlopholohile ho ntwantsha.


ke o boleletse ditaba tsena kgale, ka o tsebisa tsona di eso ho hlahe, o tle o se ke wa re: Modimo wa ka wa setshwantsho ke wona moetsi wa tsona, setshwantsho sa ka se betlilweng, kapa se tsholotsweng, ke sona se di laetseng.


Di ya hlaha jwale, di ne di le siyo pele; ha o a ka wa di utlwa haese kajeno, o tle o se ke wa re: Ke ne ke di tseba.


Ho madimabe ba ipeileng bohlale mahlong a bona, ba itshepetseng kelello ya bona!


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


bona, o hlalefile ho feta Daniele, ha ho lekunutu le patehileng ho wena;


Jehova o tla boloka ditente tsa Juda pele, hore kganya ya ntlo ya Davida le kganya ya baahi ba Jerusalema e se ke ya phahama ho fetisa ya Juda.


Jesu a araba, a re: O ka be o se na matla ho nna le hanyenyane, hojane ha o a a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya nneetseng wena o na le sebe se fetisang.


Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.


Jehova a re ho Gideone: Setjhaba seo o nang le sona se seholo haholo, hoo ke sitwang ho neela Bamidiane matsohong a sona, esere mohlomong Baiseraele ba ithorisa bakeng sa ho rorisa nna, ba re: Re namoletswe ke matsoho a rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos