1 Jwale, banna bao ba bararo ba lesa ho fetola Jobo, hobane e ne e le ya lokileng mahlong a hae.
1 Banna ba bararo bana ba kgaotsa ho araba Jobo, hobane o ne a itadima a lokile.
Ke tla re ho Modimo: O se ke wa ntswa, o mpe o mpolelle seo o se tsekang ho nna!
Athe o ntse o tseba hobane ha ke na molato, le hobane ha ho motho ya ka nnamolelang letsohong la hao.
Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;
Bonang, ke hlomahantse taba ya ka, ke tseba hobane ke tla bewa ya lokileng.
Hobane bokgopo ba hao bo disa molomo wa hao, leha o nkile puo ya diqweleqwele;
Ha ke re, bobe ba hao bo a tshabeha, ditlolo tsa hao di hloka palo na?
Moo, ya lokileng o ne a ka tseka le yena; ke be ke tla lokoloha ka ho sa feleng ho moahlodi wa ka!
Tjhe, o se o boletse ditsebeng tsa ka, ke utlwile modumo wa mantswe a hao, wa re:
Ke hlwekile, ha ho sebe ho nna; ha ke na molato, ha ho bokgopo ho nna;
Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na?
Kgutlang hle! ho sa lokang ho be siyo! Kgutlang, taba ya ka e sa lokile le jwale.