4 ba kga dimela tse babang tsa meru; metso ya dihlahla ke dijo tsa bona;
4 Ba kga bodiladilane hara dihlahla, metso ya tshinabele ke dijo tsa bona.
Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.
ba omile ke ho hloka le ke tlala, ba lelera feelleng nqalong tse furaletsweng, tse senyehileng;
ba lelekwa hara batho; ho howeletswa kamora bona, jwalokaha ho howeletswa kamora mashodu;
Empa Amose a araba, a re ho Amatsia: Nna, ha ke moporofeta, leha e le mora moporofeta; empa ke modisa, ke phela ka ho ikgella ditholwana tsa sikomora.
O ne a lakatsa ho kgorisa mpa ya hae ka makgapetla a jewang ke dikolobe; empa o ne a sa fuwe ke motho.