12 Mangole a mme a ne a mphare keng? mme matswele a hae a nkanyeseditseng na?
12 Ke hobaneng nkileng ka sikwa? Ke hobaneng ke antseng matswele?
A re: Lekgabunyane la me, Bilha, ke lena; eya ho lona, le tle le tswale bana mangoleng a me, mme ke bone bara ka lona.
Josefa a bona bana ba Efraime ho isa ho ba leloko la boraro, mme bara ba Makire, mora Manasse, le bona ba tswallwa mangoleng a Josefa.
Ke ne ke sa shwe keng mpeng ya mme, kapa ke ne ke sa timele keng ke sa tswa popelong?
Hobane jwale, nka be ke rapaletse ke ikgutseditse, nka be ke robetse, mme ka phomola le nna,
Hobane Jehova o re: Bonang, ke tla phallisa kgotso ho yena jwaloka noka, kganya ya ditjhaba e mo phallele jwaloka molapo o kgaphatsehang; le tla anyeswa, le sikwe matsohong, le phaphathwe mangoleng.