3 ha ke ntse ke phela, mme phefumoloho ya Modimo ha e sa ntse e le dinkong tsa ka,
3 ha feela nna ke sa ntsane ke phela, ke ntse ke phefumoloha moya wa Modimo,
Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.
eo meya ya tse phelang kaofela e leng letsohong la hae, le phefumoloho ya batho bohle?
Empa moya o teng ho motho, pudulo ya Ya matla wohle ke yona e neang motho kutlwisiso.
Moya wa Modimo o nkentse, pudulo ya Ya matla wohle e a mphedisa.
Ha ho le jwalo, lesang ho tshepa motho, eo phefumoloho ya hae e leng masobeng a dinko tsa hae; na a ka thusang?
ha o sebeletswe ke batho ka matsoho, jwaloka hoja o hloka letho, kanthe ke wona o fang bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.