Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 27:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Leha a ka bokella silefera, e be ka ka lerole, le diaparo tse ntle, di be ka ka qubu ya seretse,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Leha a ka bokella silefera e kaa ka lehlabathe, bongata ba aparo tsa hae ba ba kaa ka letsopa,

Ver Capítulo Copiar




Jobo 27:16
15 Referencias Cruzadas  

Morena a etsa hore silefera e be jwaloka majwe Jerusalema, le dikedare di be ngata jwaloka disikomora tse dithoteng.


Ka lona tsatsi leo, morena Assueruse a nea mofumahadi Esthere ntlo ya Hamane, motshwenyi wa Bajuda, Mordekai yena a kena pela morena hobane Esthere o ne a mmoleletse seo a leng sona ho yena.


A ke ke a rua, maruo a hae a ke ke a sala, mafumo a hae a ke ke a aparela lefatshe.


Bara ba hae ba tla kgathatswa ke mafutsana, matsoho a hae a tla tshwanela ho busetsa leruo la hae.


O lahlele kgauta leroleng, le kgauta ya Ofire majweng a molatswana.


ba hae ba phonyohileng ba tla epelwa ke lefu la sewa, mme bahlolohadi ba hae ba ke se ke ba ba llela.


ke yena ya di bokellang, empa ke ya lokileng ya tla ikapesa ka tsona; mme silefera ya hae, ba se nang molato ba tla e arolelana.


kapa le mahosana a neng a ruile dikgauta, a tlatsitse matlo a wona ka disilefera;


Motho e motle o siela ditloholo tsa hae lefa; empa maruo a moetsadibe a tla fuwa motho ya lokileng.


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


ditjhaba tseo kaofela na di ke ke tsa etsa papiso hodima hae, le pina ya sesomo, le dilotho na? Mme ho tla thwe: Ho madimabe ya ipokellelang seo e seng sa hae, ... o tla nne a etse jwalo ho le hokae? ... ya ipelesang ka tse amohilweng!


Bokollang, lona baahi ba Maktheshe, hobane setjhaba sohle sa bahwebi se fedile, bohle ba ipelesitseng ka silifera ba timeditswe.


O ikgahetse qhobosheane, o bokeletse silefera jwaloka lerole, le kgauta jwaloka seretse sa mmila!


Le se ke la ipokellela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome a jang teng, le moo mashodu a fatang teng, a utswang.


Menono ya lona e bodile, ditshwele di jele dikobo tsa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos