6 Nqalo ya bafu e feela pela wona; ho wona bodiba ha bo na tshirelo.
6 Nqalo ya Bafu e feela kapela Modimo, mohohlo wa timelo o ahlame, ha o a kwahelwa.
Bo phahame jwaloka lehodimo: o ka etsang? Bo tebile ho fetisa nqalo ya bafu: o ka tsebang?
Sekoti le lefu di re: Re utlwile modumo wa jona ka ditsebe feela.
Hobane jwale, nka be ke rapaletse ke ikgutseditse, nka be ke robetse, mme ka phomola le nna,
Efela ke mollo o ka tjhang ho isa sehokong, o tshwanetseng ho fothola maruo a ka kaofela.
Na o buletswe menyako ya lefu na? Na o bone menyako ya moriti wa lefu na?
Ke mang eo ke nang le molato wa hae, ke tle ke tshwanele ho mo lefela? Tsohle tse katlasa lehodimo kaofela ke tsa ka.
O tshoha o suthisa dithaba, o di heletsa kgalefong ya wona.
Ho wena esita le lefifi le ke ke la eba letsho, bosiu bo ka ela jwaloka motshehare, lefifi la eba jwaloka lesedi.
Ha nka nyolohela mahodimong, o teng; leha nka ya robala nqalong ya bafu, le moo o teng!
Na o tla etsetsa bafu mehlolo? Na ba shweleng ba tla tsoha ho tla o rorisa na? (Sela.)
Nqalo ya bafu le sehoko di pontsheng ho Jehova; haholo jwalo dipelo tsa batho.
Nqalo ya bafu le dihele ha di na ho kgora, mahlo a motho le wona ha a kgore.
Le katlase, nqalo ya bafu e fudueha bakeng sa hao, ho o kgahlanyetsa ha o fihla; e tsositswe diriti ka baka la hao, e leng tsa bohle ba matla ba lefatshe, le marena kaofela a ditjhaba e a raositse teroneng tsa wona.
O bea tse tebileng le diphiri pepeneneng; o tsebisisa se lefifing, lesedi le ahile ho wona.
Leha ba ka phunya nqalo ya bafu ho tshabela teng, le teng letsoho la ka le tla ba ntsha; leha ba ka nyolohela lehodimong, ke tla ba theola teng.
Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.
Mme di na le morena wa tsona, e leng lengeloi la sekoti; lebitso la hae ka Sebeheru, ke Abadone, ka Segerike le bitswa Apolione.