3 O eleditse hakaakang ya hlokang hlalefo, mme o boletse tsebo ya sebele hakaakang!
3 O eleditse sethoto hantle hakaakang! O bontshitse tsebo e kgolo hakaakang!
Kannete, lona le banna! mme bohlale bo ya shwa le lona?
Le nna hle ke na le pelo jwaloka lona, ha ke monyenyane ho lona! Ditaba tseo, ke mang ya sa di tsebeng na?
Hoja la na la kgutsa, ho bo ho tla thwe: le bohlale.
Haele ka lona kaofela, kgutlang hle, le boye; nke ke ka bona motho ya hlalefileng hara lona.
O thusitse hakaakang ya se nang matla! O tiisitse hakaakang letsoho le tepeletseng!
Taba tseo o di bolella mang? Ke moya wa mang o tswang molomong wa hao?
Taba tsa ka di tla bapa le nnete ya pelo ya ka, melomo ya ka e bolele mehopolo ya ka e hlwekileng.
Ha ho se jwalo, o mmamele: Thola, mme ke tla o ruta bohlale.
Ya fifatsang morero wa ka ka dipolelo tse se nang kelello ke mang?
Ha ke re, ha ho kamoo nka thuswang kateng? Ha ke re, topollo yohle e hole le nna?
le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le nngwe, ya tse le tshwanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontsheng le ka matlung a lona;
Hobane ha ke a ka ka tswafa ho le bolella morero wohle wa Modimo.