Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 26:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka matla a wona a kokomosa lewatle, ka bohlale ba wona o kokobetsa ho phahama ha lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ka matla a hae lewatle a le tsosa maqhubu, ka bohlale ba hae a tamukanya Rahaba.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 26:12
16 Referencias Cruzadas  

Ho wona Modimo ho dutse bohlale le matla; o na le kelello le kutlwisiso.


Ditshiya tsa mahodimo di a tlakasela, di sisimoloha ka kgalemelo ya wona.


Modimo ha o kgutlise kgalefo ya wona. Ha esita dikgakeletso tsa lefatshe di imelwa tlasa wona,


A le teroneng ya hae, Jehova e ne e se e le morena mohla morwallo; teroneng ya hae o busa ka ho sa yeng kae.


Ke wena ya arohantseng metsi a lewatle ka matla a hao; wa pshatla dihlooho tsa didrakone metsing.


Hobane letsatsi le teng leo Jehova wa makgotla a le behetseng baikgantshi le baikgohomosi bohle, le bohle ba ikakasang hore ba tle ba kokobetswe.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Tsoha, tsoha, o iphe matla, wena, letsoho la Jehova; o be jwaloka mehleng ya kgale, mengwaheng ya pele! Na hase wena ya dihileng Rahaba (Egepeta), ya hlabileng drakone na?


Hobane ho itswe ke Jehova, ya beileng letsatsi hore e be lesedi la motshehare, ya beileng kgwedi le dinaledi hore e be lesedi la bosiu, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume, Jehova wa makgotla ke lona lebitso la hae:


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos