4 Ke be ke tla hlomahanya taba ya ka pela wona, ke tlatse molomo wa ka ka ditaba!
4 nyewe ya ka ke e rale kapela hae, ka ho tlala ke lokodise mabaka a ka.
Kanthe wa na wa re: Ruri ke tla o etsa hantle, mme ke tla atisa ditloholo tsa hao, di be ka ka lehlabathe la lewatle le sitwang ho balwa ka baka la bongata ba lona.
Bonang, ke hlomahantse taba ya ka, ke tseba hobane ke tla bewa ya lokileng.
Empa nka rata ho bua le Ya matla wohle, nka lakatsa ho kena tsekong le Modimo;
Jo! hola nka tseba moo nka o fumanang teng, hore ke tle ke fihle pela terone ya wona!
Ke be ke tla tseba ditaba tseo o ka nkarabang ka tsona, ke utlwe le seo o ka mpolellang sona.
O re rute seo re ka se buang ho wona; hobane re sitwa ho bua ka baka la ho se tsebe ha rona!
Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale!
Ka baka la lebitso la hao, Jehova, o ntshwarele bokgopo ba ka, leha bo le boholo.
Oho Modimo, o nkahlolele, o nkemele ho setjhaba se se nang mohau! O mpoloke ho motho ya leshano, ya kgopo.
Nkgopotse, re tseke hammoho! Bolela, o tle o bonahale o le ya lokileng!