ha o hauhela ya lapileng, o kgorisa moya o fumanehileng, ke moo lesedi la hao le tla tjhabela lefifing, mme lefifi la hao le phatsime jwaloka letsatsi la motshehare.
Na hase hore o abele ya lapileng bohobe ba hao, o amohele mofutsana ya twailang tlung ha hao na? Leha o bona motho ya hlobotseng, o mo apese, o se ke wa ipata pela ngwaneno.
Ka baka leo, eo e leng sera ho wena, ekare ha a lapile, o mo fepe; ha a nyorilwe, o mo nose; hobane ha o ntse o etsa jwalo, etlaba o mmokellela mashala a mollo hloohong.