4 Na o ya o laya ka hobane o a mo tshaba, kapa na a ka isana kahlolong le wena na?
4 “Na o tla o kgalemella ho mo tshaba ha hao, ka baka la hona a o etsetse qoso?
Ke yena eo o mo tjamelang; ke nna eo o mo isang tsekong le wena!
hore o emele motho ho Modimo, le ngwana motho ho metswalle ya hae;
Itshabiseng lerumo ke hona, hobane bolotsana ke sebe se loketseng lerumo, mme le tsebe hoba kahlolo e teng.
Ya matla wohle na a ka bona molemo ka ho loka ha hao, mohlomong a be le leruo ha mekgwa ya hao e lokile na?
Hobane ha o batle nako e telele ho tseba motho ya tshwanetseng ho hlaha kahlolong pela wona.
Na ke lewatle, kapa, a ke drakone, ha o beile balebedi ho ntebela na?
Ha nka ipiletsa matleng, o re: Ke nna ya matla; kapa ho lokeng, o re: Ke mang ya tlang ho mpiletsa nyeweng?
Hobane hase motho ya jwaloka nna hore ke fetolane le wona, mme re isane kahlolong le wona.
o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.
Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.)
Ka tshokelo ya hao, Modimo wa Jakobo, makoloi hammoho le dipere tsa tshwarwa ke boroko bo boholo.
Morara o tjhele ke mollo, o remilwe; ba fela ke tshokelo ya sefahleho sa hao.
hobane Modimo o sa tla isa mesebetsi yohle kahlolong, le tse patilweng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.
Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.