Tsena kaofela ke di bone ditshiung tsa ka tsa lefeela: o ye a be teng ya lokileng ya timelang ka ho loka ha hae, le ya kgopo a be teng ya atisang matsatsi a hae ka bokgopo ba hae.
Lefeela le leng ke lena le leng teng lefatsheng, ke hobane ho na le ba lokileng ba hlahelwang ke moputso o loketseng mesebetsi ya ba bolotsana, mme ba bolotsana ba teng ba hlahelwang ke moputso o loketseng mesebetsi ya ba lokileng. Ke boletse hore le hoo ke lefeela.
Kahlolo eo e beilwe ke balebedi, morero oo o tswa taelong ya bahalaledi; hore ba utlwang ba tsebe hoba Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona, le hoba a ka phahamisetsa ho bona ya fetisang ka bonyenyane.
Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka?