Eitse ha ba emisa mahlo ba sa le hojana, ba se ke ba mo tseba, mme ba phahamisa mantswe, ba lla, ba hahola e mong le e mong kobo ya hae, ba kubisetsa lerole sebakeng hodima dihlooho tsa bona.
ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.
A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!
Ba re ho yena: Thola, o thibe molomo wa hao ka letsoho, o tsamaye le rona, o be ntata rona le moprista wa rona; haele hore o be moprista wa ntlo ya motho a le mong, kapa o be moprista wa leloko le le leng le wa lesika le le leng la Iseraele, ho molemo ho wena e ka ba hofe na?