Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 19:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ha le fela le ikgodisa ka nna, mme le dihela ho nna molato wa dihlong tseo ke dutseng ho tsona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Haeba le iphahamisetsa kahodimo ho nna, le nqosa ka baka la tlokotsi ena ya ka;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 19:5
16 Referencias Cruzadas  

ba re ho nna: Masala a setseng a kgoleho, a ahileng naheng yane, a mahlomoleng a maholo le sekgobong; lerako la Jerusalema le ntse le le dikgeo, le mamati a teng a dutse a tjhele ke mollo.


Ha ekaba ke nnete ha ke kgelohile, molato oo ke taba ya ka.


A ba ke ba hlabiswe ke dihlong, ba tsielehe bona bohle ba thabelang tsietsi ya ka! Baikakasi ba ntwantshang a ba apeswe ke dihlong le nyediso!


Hobane ke itse: Ba se ke ba thaba ka nna! Ha leoto la ka le kgoptjwa, ba mphahamela ka boikakaso.


Pontsho ho nna ya hobane o a nthata, ke hoba ha o lese eo e leng sera ho nna hore a ithoke ka nna.


Bonang, hola ke sera se nnyedisang, nka be ke mamella; hola ya ntlhoyang ke yena ya ntsohelang matla, nka be ke ipatela yena;


empa ke wena, monna eo o leng mokana e motswalle wa ka;


Mehleng eo, basadi ba supileng ba tla itshwarella ka monna a le mong, ba re ho yena: Re tla ja bohobe ba rona, re ikapese ka dikobo tsa rona; feela re bitswe ka lebitso la hao, o tlose nyatso ya rona.


O se ke wa thaba ka kotsi ya ka, wena o leng sera ho nna, hobane leha ke wele, ke tla boela ke eme; leha ke dutse lefifing, Jehova ho nna ke lesedi.


Tseo di tla ba hlahela ka baka la boikgohomoso ba bona, hobane ba nyefotse, mme ba ikgohomositse hodima setjhaba sa Jehova wa makgotla.


Jehova o tla boloka ditente tsa Juda pele, hore kganya ya ntlo ya Davida le kganya ya baahi ba Jerusalema e se ke ya phahama ho fetisa ya Juda.


Ke sona seo Morena a nketseditseng sona, mohla a ntekotseng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho.


Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: Rabbi, ke mang ya sitilweng, kapa yena, kapa batswadi ba hae, haele moo a tswetswe a foufetse?


Ba mo araba, ba re: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o ka hla wa re ruta na! Yaba ba mo lelekela ntle.


Peninna ka maqethe a hae o ne a mo swabisa haholo, e le hore a mmelaetse, kahobane Jehova a mmeile nyopa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos