O futse ka seqha sa hae jwaloka sera, a ema a otlolotse letsoho le letona jwaloka mohlabani, a bolaya tsohle tse lakatsehang ha di bonwa; tenteng ya moradi wa Sione, o tsholotse kgalefo ya hae jwaloka mollo.
Morena o fetohile ya kang sera, o metsitse Iseraele, a ripitla matlo a hae kaofela a borena, a fedisa metse e marako; o atiseditse moradi wa Juda maswabi le mahlomola.
Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.