10 sefi se patilwe mobung pela hae, leraba le mo lebeletse tseleng.
10 mobung ba mo patetse sekgoqetsane, tseleng ya hae ba mo tjhehetse sefi.
Matsoso a mo tshabisa ka nqa tsohle, a mo tshosa a mo phalletse.
sefi se mo tshwasitse serethe; letlowa le mo tlamile;
O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.
Ke tla ala letlowa la ka hodima hae, a tshwaswe sefing sa ka, ke tle ke mo ise Babilona, naheng ya Bakalde; empa a ke ke a e bona, mme o tla shwela hona teng.
Davida le yena o re: Tafole ya bona a e ba fetohele leraba, le lemena, le kgopiso, le tefetso;