Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 17:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Matsatsi a ka a fetile, merero ya ka eo ke e hopotseng pelong ya ka, merero ya ka e wele fatshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Matsatsi a ka a fetile, merero ya ka e nyopile; takatso tsa pelo ya ka le tsona di nyopile.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 17:11
14 Referencias Cruzadas  

Phefumoloho ya ka e a timela, matsatsi a ka a tima, lebitla le nkemetse.


Bosiu ba re ke motshehare; lesedi ba re ke motshehare; lesedi ba re le haufi, ha le phirimile.


Tshiu tsa ka di pomilwe kapele ho fetisa lesika leo molohi a lohang ka lona; di fela ho se tshepo e ntshaletseng.


Merero ya pelo ke ya motho; haele ho bua he leleme, ho taelong ya Jehova.


Pelo ya motho e itherela tsela, empa ke Jehova ya tsamaisang maoto.


Mehopolo e mengata ka pelong ya motho, empa morero wa Jehova ke wona o tiyang.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Ke ne ke itse: Mohla matsatsi a ka e leng a phomolo, ke moo ke tla theohela menyakong ya nqalo ya bafu, ke timellwe ke dilemo tse ka beng di setse.


Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.


Ke mang ya ka bolelang taba e ka etsahalang, ha Morena a sa laele?


Banabeso, ha ke rate ha le sa tsebe hobane ke rerile hangata ho ya ho lona, ke tle ke kge ditholwana tse ding le ho lona, jwalokaha ke entse ditjhabeng tse ding; ke mpa ke thibetswe ho fihlela jwale.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos