3 Dipolelo tsa lefeela na di fedile na? Kapa se o arabisang hathata jwalo keng?
3 Na o sa tla kgaotsa ho shwahla mafeela? Sesosa sa nganga ya hao ke sefe?
Na motho ya bohlale a ka araba ka ditaba tsa lefeela na? Na fuba sa hae se tletse moya wa botjhabela na?
Ke utlwile dikgalemelo tse ntlhabisang dihlong, empa kelello ya ka e nnea karabo.
Bonang, kaofela ha lona le e lemohile hantle; mme le dumellane; ha ho le jwalo, le hlahisa dipolelo tsa lefeela keng?
Na a ke dipolelo tsa ka tseo le ratang ho di kgalemela na? Na ditaba tsa ya tsherehaneng, na ke moya feela o yang le tsona na?
Taba tse jwaloka tseo o tla di bua ho isa kae na? Mantswe a molomo wa hao a be jwaloka moya o tsukutlang, ho isa kae na?
Ha ho a ka ha eba motho ya tsebileng ho mo araba letho, mme haesale mohlang oo, ha ho a ka ha hlola ho eba ya betileng pelo ho mmotsa.
bao e ka kgonang ho thijwe melomo ya bona. Ba diha matlo kammoho, ba ruta tse sa tshwanelang, ba tle ba ipokellele moruo wa bokgopo.
Puo ya hao e be e pholosang, e se nang ho nyatseha, hore ya re hanyetsang a tle a swabe ke ho hloka ntho e mpe eo a ka re beang yona.
Ho ne ho ntse ho le jwalo ka selemo se seng le se seng; enere ha ho etelwa tlung ya Jehova, Peninna o ne a ntse a mo swabisa jwalo; Anna o ne a lla ke hona, a se ke a ja.