Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 16:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba ahlamile melomo ya bona hampe hodima ka, ba ntshoma, ba ntjabela marameng; ba teane hammoho ho ntwantsha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 16:10
22 Referencias Cruzadas  

Tsedekia, mora Kenaana, a atamela, a jabela Mikea lerameng, a re: Moya wa Jehova o no o ye ka tsela efe, mohla o ntlohelang hore o ye ho bua le wena?


Yaba Tsedekia, mora Kenaana, o atamela, a jabela Mikea lerameng, a re: Moya wa Jehova o ne o ye ka tsela efe mohla o ntlohelang hore o ye ho bua le wena?


Modimo o nneetse matsohong a ba bolotsana, o nkakgetse diatleng tsa ba babe.


Mofuta oo o mobe o mpatisa letsohong la ka le letona, ba kgarametsa maoto a ka, ba kata ditsela tsa ho tla ntshenya.


Di ahlamisetsa melomo ya tsona ho nna jwaloka tau e harolang, e purumang.


Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;


Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo.


Mme jwale, ha ke ewa, ba ye ba thabe; ba bokana hammoho, ba mpokanela ho nkotla, ke sa tsebe molato; ba ngahola ka maleme, ha ba kgutse.


Ba ahlamisa melomo ya bona hodima ka, ba re: Ha! Ha! mahlo a rona a bona.


Ba lalla, ba nanara, ba hlwela mehato ya ka, hobane ba lebeletse sebaka sa ho tlosa bophelo ba ka.


Ba bokanela bophelo ba ya lokileng, ba tswa madi a se nang molato.


Ke neile ba nkotlang mokokotlo wa ka, le ba hlothang ditedu ke ba neile marama a ka, ha ke a ka ka patela sefahleho sa ka dihlong le mathe.


Ba o hloileng bohle ba o ahlamisetsa melomo ya bona, ba soma, ba tsikitlanya meno, ba re: Re mo metsitse; ruri, ke lona letsatsi leo re neng re ntse re le lebeletse, re le fumane, re le bone.


a ke a hlahise lerama la hae ho ya mo jabelang, le ho kgora dikgobo.


Jwale bokella makgotla a hao, Sione, moradi wa makgotla! Re se re ya thibellwa ke dira; ka molamu ba wahlela moahlodi wa Iseraele lerameng!


Ebile ba mo tshwela ka mathe mahlong, ba mo jabela, ba bang ba mo otla ka dithupa,


Eitse hobane a rialo, e mong wa bahlanka ya emeng moo a otla Jesu ka thupa, a re: Na o araba moprista e moholo jwalo na?


Yaba Ananiase, moprista e moholo, o laela ba emeng pela hae, hore ba mo phobole molomo.


Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le baditjhaba, le meloko ya Iseraele e kopane hammoho ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng;


Ekasita leha motho a le tuba, leha motho a le ja, leha motho a le amoha, leha motho a le phahamela, leha motho a le jabela, le ye le mamelle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos