7 Na ke wena motho ya tswetsweng pele? Na o hlahile dithaba di eso ho be teng na?
7 “Ebe ke wena motswalwapele wa motho? kapa o bopilwe pele ho maralla?
Yaba Adama o tseba Eva, mosadi wa hae, mme a emola, a tswala Kaine, a re: Ke itswaletse monna ka thuso ya Jehova.
Maqheku a na le bohlale, dilemo tse ngata di na le kutlwisiso.
Ba bang ba teng hara rona, batho ba baholo, ba moriri o moputswa, ba fetang ntatao ka dilemo.
Dithaba di eso ho ka di hlaha, o eso ho bope lefatshe le dintho tsohle, e, ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng, esale o le Modimo.