16 ke hona ho tla ba poloko ho nna; hobane moikaketsi a ke ke a itlhahisa pela wona.
16 Hona e tla ba yona pholoho ya ka: Moetsadibe a ke ke a ema kapele ho yena.
Elang hloko, le mamele polelo tsa ka, mme ditaba tsa ka di kene ditsebeng tsa lona.
Moo, ya lokileng o ne a ka tseka le yena; ke be ke tla lokoloha ka ho sa feleng ho moahlodi wa ka!
Hobane mahlo a wona a tadimile mekgwa ya batho bohle, mme o bona metsamao ba yona kaofela.
Ba pelo tse ikakasang ba ipokellela bohale; ha ba rapele ha Modimo o ba tlama.
Tsela ya e mong le e mong ya lebalang Modimo e jwalo, tebello ya ya se nang borapedi e a fela;
Jehova ke matla a ka le pina ya ka; ebile ke yena poloko ya ka.
Ke a o leboha, hobane o nkutlwile, e bile ke wena poloko ya ka.
Jehova ke lesedi la ka le poloko ya ka; nka tshoha mang? Jehova ke qhobosheane ya bophelo ba ka; nka thothomela pela mang?
Matla a ka le thoko ya ka ke Jehova, ebile yena ho pholoha ha ka: ke yena Modimo wa ka, ke tla mo rorisa; ke Modimo wa ntate, ke tla mo tlotlisa.
Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?
Efela poloko e tswang maralleng le dithabeng ke thetso feela; efela pholoho ya Iseraele e ho Jehova, Modimo wa hae.
Hobane Morena o re laetse jwalo ka lentswe le reng: Ke o beile lesedi la ditjhaba, hore o be poloko ya tsona ho isa pheletsong tsa lefatshe.