Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 13:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mantswe a eletsang a lona ke dithole feela. Qhobosheane tsa lona ke diqhobosheane tsa mobu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Maele a lona a tshwana le molora hantle, boitshireletso ba lona bo tshwana le ba letsopa.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 13:12
16 Referencias Cruzadas  

Abrahama a araba, a re: Bona hle, ke betile pelo ho buisana le Morena, leha ke le lerole le molora feela.


Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.


Boholo ba wona bo tla le tshosa, letsoso la wona le le tshware.


Kgutsang, le ntese ke bue; nke ke hlahelwe ke seo nka hlahelwang ke sona.


Ha a sa hopolwa lefatsheng, lebitso la hae ha le sa bolelwa mapatlelong.


Ha ho le jwalo, le ntlhahiselletsang matshediso a lefeela? Ho setseng dikarabong tsa lona ke bolotsana feela.


Jobo a boela a isa polelo ya bohlale ya hae, a re:


Jobo a eketsa a isa polelo ya bohlale ya hae, a re:


ho jwalo hakakang ho ba ahileng matlung a letsopa, ba hlahileng leroleng, ba ka rinngwang jwaloka ditshwele!


Empa wena, Jehova, o hlola ka ho sa feleng, mme lebitso la hao le tla hopolwa melokong le melokong.


di mpe di ke di be pela Jehova kamehla, a fedise ho hopola ha bona lefatsheng!


Sefahleho sa Jehova se tjamela ba bolotsana ho tlosa ho hopolwa ha bona lefatsheng.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ngola taba ena bukeng, e be kgopotso, o be o e phete ditsebeng tsa Joshua, hoba ruri ke tla timeletsa le ho hopolwa ha Amaleke katlasa lehodimo.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ke lehlohonolo, empa lebitso la e mobe le tla bola.


Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela; ke diriti, ba ke ke ba boela ba utlwa; hobane o ba otlile, o ba fedisitse, o timeditse le ho hopolwa hohle ha bona.


Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos