Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 11:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bongata bo bokalo ba mantswe na bo ka hloka phetolo na? Motho ya lehehle na o tla re, o lokile na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Puo tse ngatangata tsee ha di lokele ho arajwa? Ebe motho wa lehehle yena o nepa kamehla?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 11:2
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Tsofare wa Naama o fetola, a re:


Na motho ya bohlale a ka araba ka ditaba tsa lefeela na? Na fuba sa hae se tletse moya wa botjhabela na?


Dipolelo tsa lefeela na di fedile na? Kapa se o arabisang hathata jwalo keng?


Le tla qeta dipolelo tseo neneng? Mamelang, re ntoo bua.


Taba tse jwaloka tseo o tla di bua ho isa kae na? Mantswe a molomo wa hao a be jwaloka moya o tsukutlang, ho isa kae na?


Motho ya leleme le lebe a ke ke a tiya lefatsheng, motho ya bohale o tla welwa ke dikotsi, a dihuwe.


Dipolelong tse ngata, tshito ha e hlokwe; ka baka leo, ya itshwarang molomo o bohlale.


Lebela maoto a hao ha o kena ka tlung ya Modimo; ho atamela ho mamela ditaba, ho hotle ho ena le ho hlaba sehlabelo sa mawatla; hobane ha a tsebe hobane a etsa hampe.


hobane jwalokaha toro e etswa bongateng ba mesebetsi, ho jwalo molomo wa lewatla o tsejwa ka bongata ba mantswe.


Yaba bafilosofe ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba fetolana le yena; ba bang ba ne ba re: Na mobuabui eo o reng? ba bang ba re: Eka o bolela medimo esele. E ne e le ka baka la hobane a ne a ba bolella Jesu le tsoho ya bafu.


Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos