18 o tla tiya pelo, hobane tshepo e tla ba teng; moo o neng o hloreha, o tla robala ka boiketlo;
18 O tla ba sebete, hobane tshepo e teng; o qamake kahohle, o robale o iketlile.
bophelo ba hao bo tla ela ka lesedi le fetang la motshehare; leha ho ka ba lefifi, mafube a tla boela a hlahe;
phomolong o ke ke wa kgathatswa, ba bangata ba tla phaphatha sefahleho sa hao.
Matla a ka keng hore ke be le tshepo? Tshepo ya ka keng hore ke tle ke mamelle?
Tshiu tsa ka di pomilwe kapele ho fetisa lesika leo molohi a lohang ka lona; di fela ho se tshepo e ntshaletseng.
Ha ho thuso leha le tsoha le mafube, leha le robala e se e le ka phirimana, leha le ntse le eja bohobe ba kgathatso; Jehova o fa eo a mo ratang, a ntse a robetse.
Ke a sekama, ke robale boroko, mme ke boele ke phaphame, hobane Jehova o a ntiisa.
Ke sekama ka kgotso, ke be ke ithoballe ka kgotso, hobane, Jehova, ke wena o nnotshi ya nkahisang boiketlong.
Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo, ke sa tla o roka; ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.
Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.
bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba, e leng hoba Kreste o ho lona, yena e leng tshepo ya kganya.