14 Ha ke entse sebe, o ntse o ntadima hampe, o hana ho ntshwarela molato wa ka.
14 Ha ke etsa sebe o ntadima ka le ntjhotjho, o ke ke wa ntokolla molatong wa ka.
Empa jwale, o bala mehato ya ka, o hlokometse dibe tsa ka.
Ke hlwekile, ha ho sebe ho nna; ha ke na molato, ha ho bokgopo ho nna;
Ha ho lefifi, ha ho moriti o motsho, moo ba sebetsang bokgopo ba ka ipatang teng.
Ha ekaba ke entse sebe, ke o entse eng, Molemohi wa batho? O mpeile keng seo o betsang metsu ya hao ho sona, ke be ke fetohe phahlo feela?
Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.
eba ke tshoswa ke mahloko a ka kaofela, ke ntse ke tseba hoba o ke ke wa mpea ya se nang molato.
Jehova, ha o ka lotolotsa makgopo, ke mang ya ka emang pela hao, Morena?
Jehova, o ntekile, mme o ntsebile,
O bea makgopo a rona pela hao, le dibe tsa rona tse patilweng o di bea leseding la sefahleho sa hao.
o hauhelang meloko e dikete, o tshwarelang motho bokgopo le boikgantsho le sebe, o sa latoleng molato wa motho ya nang le wona, o otlang bana le ditloholo ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo ba bontata bona.
Hobane mahlo a ka a tadimile mekgwa yohle ya bona e se nang ho pateha pela ka, le bokgopo ba bona bo se nang ho apeswa pontsheng ya ka.
empa ha a re, ya molato o hloka molato; o otla bana ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo jwa batswadi ba bona.